Sione le malapeng a rona, ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha motho a itshwara ka tsela e itseng ho ka etsa hore re be le kutloelo-bohloko, empa ntle le ho tseba lebaka, re ka nna ra se ke ra ba utlwisisa, ra halefa, mme qetellong ra fetoha lira.
Ke ka lebaka leo Modimo a ileng a hatisa bohlokwa ba ho utlwisisa le ho nahanelana mme a totobatsa “ho ratana” e le thuto ya bohlokwa ya selekane se secha.
Ditho tsa Kereke ya Modimo di nahana ka mahlomola, bohloko, dihlong le mahlapa tseo Ntate le Mme ba ileng ba di mamella bakeng sa tsona, ba lahla botho ba bona ba kgale ba neng ba iphelela feela, mme ba loanela ho fetoha batho ba bacha ba nahanelanang, ba inehelanang ho e mong , le ho bontsha lerato ka mafolo-folo.
Mme rona re tsebile, re bile re dumetse lerato leo Modimo o re ratang ka lona. Modimo o lerato, mme ya dutseng leratong o dutse ho Modimo, mme Modimo le wona o dutse ho yena. . . . Mme re filwe ke wona taelo ena, e reng: Ya ratang Modimo a rate le ngwanabo. 1 Johanne 4:16-21
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy